4. Ke bone hobane mokgathala wohle le mesebetsi yohle e metle ya batho e ntse e hlahisa mona le mohono. Hoo le hona ke lefeela, ke mosebetsi o nyopileng.
5. Ya iphuthang matsoho, ya itjang e le yena ke lewatla;
6. empa seatla se le seng se tletseng phomolo se molemo ho ena le diatla tse pedi tse tletseng mokgathala le mosebetsi o nyopileng.
7. Ka boela ka lemoha lefeela le leng le leng teng tlasa letsatsi.
8. Ke motho ya dutseng a nnotshi, ya se nang wa bobedi ho yena, ya se nang leha e le mora, leha e le ngwanabo; leha ho le jwalo, mokgathala wa hae ha o fele, le wona mahlo a hae ha a kgore moruo ... Ke ikgathaletsa mang, mme ke tima moya wa ka lehlohonolo ka baka la mang? Hoo le hona ke lefeela, ke mokgathala o bohloko.
9. Ba babedi ba feta a le mong, hobane moputso o motle o teng wa mosebetsi wa bona: