Moeklesia 3:5-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. nako e teng ya ho betsa majwe, e teng nako le ya ho thonaka majwe; nako e teng ya ho aka, e teng nako le ya ho lesa ho aka;

6. nako e teng ya ho batla, e teng nako le ya ho lahlehelwa; nako e teng ya ho boloka, e teng nako le ya ho lahla;

7. nako e teng ya ho hahola, e teng nako le ya ho roka; nako e teng ya ho kgutsa, e teng nako le ya ho bua;

8. nako e teng ya ho rata, e teng nako le ya ho hloya; nako e teng ya ntwa, e teng nako le ya kgotso.

9. Ya sebetsang o ruang ka mosebetsi oo a ikgathatsang ka wona?

10. Ke lemohile mesebetsi eo Modimo o e neileng bana ba batho hore ba ikgathatse ka yona.

11. O entse tsohle di le ntle nakong ya tsona; o bile o beile lefatshe lohle pela bona hore ba lemohe ditaba tsa lona; leha ho le jwalo, ha ho motho ya utlwisisang mesebetsi e entsweng ke Modimo, ho qala qalong ya yona ho isa qetellong ya yona.

12. Kahoo, ke lemohile hobane ha ho letho le ka bang molemo ho bona, haese ho itumela le ho iketsetsa boiketlo ka tshiu tsa bophelo ba bona;

13. ke lemohile hape, hoba, ereha motho a eja dijo, kapa a enwa le ho latswa boiketlo ka mokgathala wohle wa hae, le teng e sa le neo ya Modimo.

14. Ke lemohile hobane tsohle tse entsweng ke Modimo di hloleha ka ho sa feleng; ha ho se ka eketswang ho tsona, ha ho le se ka kgaolwang; mme Modimo o sebetsa jwalo hore tshabo e be teng ho batho pela wona.

15. Se hlahang jwale se se se kile sa eba teng, mme se tlang ho hlaha se ne se ntse se le teng le kgale, mme Modimo o boela o hlahisa se neng se se se fetile.

Moeklesia 3