Moeklesia 2:9-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. ka ba motho e moholo, ya ruileng ho ena le mang kapa mang ya bileng teng pele Jerusalema, hape le hlalefo ya ka ya sala ho nna.

10. Tsohle tse neng di lakatswa ke mahlo a ka, ha ke a ka ka a tima tsona; ha ke a ka ka hanela pelo ya ka le thabo efe le efe; pelo ya ka ya nna ya thabela mosebetsi wohle wa ka; ke sona seo nkileng ka se rua mosebetsing wohle wa ka.

11. Empa eitse ha ke tadima mesebetsi yohle eo matsoho a ka a e entseng, mme ke bala mokgathala oo ke ikgathaditseng ka wona ha ke e sebetsa, ka bona hoba tsohle ke lefeela le mosebetsi o nyopileng; ha ho letho le ka fihlelwang ka tsohle tse etswang tlasa letsatsi.

12. Yaba ke furalla tseo ho nahana bohlale, le bowatla, le bothoto; hobane motho ya latelang morena a ka etsang, haese se entsweng ke yena?

13. Mme ka bona hobane bohlale bo molemo ho ena le bothoto, jwalokaha lesedi le le molemo ho ena le lefifi.

14. Ya bohlale o na le mahlo a hae hloohong, athe lewatla le tsamaya lefifing; leha ho le jwalo, ke lemohile hoba bohle hammoho ba hlahelwa ke tsietsi e tshwanang.

15. Yaba ke re pelong ya ka: Kotsi e hlahetseng lewatla, le nna e tla ntlhahela; ha ho le jwalo, ho thusang, leha ke mo fetisa ka ho hlalefa? Ka ba ka re pelong ya ka: Hoo le hona ke lefeela.

16. Ho jwalo: ya bohlale le lewatla ba babedi ba ke ke ba nna ba hopolwa ka ho sa feleng; etswe mehleng e tlang tsohle di tla be di se di lebetswe. Hle! ya bohlale o ntse a eshwa jwaloka lewatla!

17. Ka ba ka ila bophelo ke ho kgathatswa ke mesebetsi yohle e etswang tlasa letsatsi; ruri tsohle ke lefeela le mosebetsi o nyopileng.

18. Ka ila le mesebetsi yohle eo ke neng ke ikgathatsa ka yona tlasa letsatsi, ka ho re, ke eo ke tshwanetseng ho e siela motho ya tla ntlhahlama.

19. Mme o tsejwa ke mang hore e tla ba mohlalefi, kapa sethoto? Athe ke yena e tla ba monga mesebetsi yohle ya ka eo ke ikgathaleditseng yona, eo ke e entseng ka bohlale tlasa letsatsi. Hoo le hona ke lefeela.

20. Yaba ke lesela pelo ya ka ya tsherehana ke mokgathala wohle oo ke ikgathaditseng ka wona tlasa letsatsi;

21. hobane o ye a be teng motho eo mosebetsi wohle wa hae o entsweng ka bohlale le ka tsebo le ka masene, athe o tla o siela motho e mong ya sa kang a ikgathaletsa wona. Hoo le hona ke lefeela, ke kotsi e kgolo.

Moeklesia 2