5. ka iketsetsa masimo le dirapa tsa difate, ho tsona ka lema difate tse behang ditholwana tsa mefutafuta;
6. ka iketsetsa matamo a metsi a ho nosetsa moru wa difate tse melang.
7. Ka rua bafo ba banna le ba basadi; kantle ho bao, ba bang ya eba ba tswaletsweng ha ka tlung; hape, ka rua mehlape e meholo ya dikgomo le ya dinku, ho feta bohle ba bileng teng pele Jerusalema.
8. Ka ipokellela silefera le kgauta le menono ya marena le ya dinaha; ka ipatlela dibini tsa banna le tsa basadi, le menate ya bana ba batho, e leng basadi ba bangata;
9. ka ba motho e moholo, ya ruileng ho ena le mang kapa mang ya bileng teng pele Jerusalema, hape le hlalefo ya ka ya sala ho nna.
10. Tsohle tse neng di lakatswa ke mahlo a ka, ha ke a ka ka a tima tsona; ha ke a ka ka hanela pelo ya ka le thabo efe le efe; pelo ya ka ya nna ya thabela mosebetsi wohle wa ka; ke sona seo nkileng ka se rua mosebetsing wohle wa ka.
11. Empa eitse ha ke tadima mesebetsi yohle eo matsoho a ka a e entseng, mme ke bala mokgathala oo ke ikgathaditseng ka wona ha ke e sebetsa, ka bona hoba tsohle ke lefeela le mosebetsi o nyopileng; ha ho letho le ka fihlelwang ka tsohle tse etswang tlasa letsatsi.
12. Yaba ke furalla tseo ho nahana bohlale, le bowatla, le bothoto; hobane motho ya latelang morena a ka etsang, haese se entsweng ke yena?
13. Mme ka bona hobane bohlale bo molemo ho ena le bothoto, jwalokaha lesedi le le molemo ho ena le lefifi.
14. Ya bohlale o na le mahlo a hae hloohong, athe lewatla le tsamaya lefifing; leha ho le jwalo, ke lemohile hoba bohle hammoho ba hlahelwa ke tsietsi e tshwanang.
15. Yaba ke re pelong ya ka: Kotsi e hlahetseng lewatla, le nna e tla ntlhahela; ha ho le jwalo, ho thusang, leha ke mo fetisa ka ho hlalefa? Ka ba ka re pelong ya ka: Hoo le hona ke lefeela.
16. Ho jwalo: ya bohlale le lewatla ba babedi ba ke ke ba nna ba hopolwa ka ho sa feleng; etswe mehleng e tlang tsohle di tla be di se di lebetswe. Hle! ya bohlale o ntse a eshwa jwaloka lewatla!