Moeklesia 2:12-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Yaba ke furalla tseo ho nahana bohlale, le bowatla, le bothoto; hobane motho ya latelang morena a ka etsang, haese se entsweng ke yena?

13. Mme ka bona hobane bohlale bo molemo ho ena le bothoto, jwalokaha lesedi le le molemo ho ena le lefifi.

14. Ya bohlale o na le mahlo a hae hloohong, athe lewatla le tsamaya lefifing; leha ho le jwalo, ke lemohile hoba bohle hammoho ba hlahelwa ke tsietsi e tshwanang.

15. Yaba ke re pelong ya ka: Kotsi e hlahetseng lewatla, le nna e tla ntlhahela; ha ho le jwalo, ho thusang, leha ke mo fetisa ka ho hlalefa? Ka ba ka re pelong ya ka: Hoo le hona ke lefeela.

16. Ho jwalo: ya bohlale le lewatla ba babedi ba ke ke ba nna ba hopolwa ka ho sa feleng; etswe mehleng e tlang tsohle di tla be di se di lebetswe. Hle! ya bohlale o ntse a eshwa jwaloka lewatla!

17. Ka ba ka ila bophelo ke ho kgathatswa ke mesebetsi yohle e etswang tlasa letsatsi; ruri tsohle ke lefeela le mosebetsi o nyopileng.

18. Ka ila le mesebetsi yohle eo ke neng ke ikgathatsa ka yona tlasa letsatsi, ka ho re, ke eo ke tshwanetseng ho e siela motho ya tla ntlhahlama.

19. Mme o tsejwa ke mang hore e tla ba mohlalefi, kapa sethoto? Athe ke yena e tla ba monga mesebetsi yohle ya ka eo ke ikgathaleditseng yona, eo ke e entseng ka bohlale tlasa letsatsi. Hoo le hona ke lefeela.

20. Yaba ke lesela pelo ya ka ya tsherehana ke mokgathala wohle oo ke ikgathaditseng ka wona tlasa letsatsi;

21. hobane o ye a be teng motho eo mosebetsi wohle wa hae o entsweng ka bohlale le ka tsebo le ka masene, athe o tla o siela motho e mong ya sa kang a ikgathaletsa wona. Hoo le hona ke lefeela, ke kotsi e kgolo.

22. Ha ho le jwalo, motho o ruang ka mokgathala wohle wa hae le ka phehello ya pelo ya hae, eo a ikgathatsang ka eona tlasa letsatsi?

23. Hobane matsatsi wohle a hae ke a nang le mahloko, mme mosebetsi wa hae ke o nang le maswabi; esita le bosiu, pelo ya hae ha e phomole. Hoo le hona ke lefeela.

24. Ha ke re, ho molemo ho motho ke hore a nne a je, a nwe, a batlele moya wa hae boiketlo ka ho sebetsa ha hae na? Empa le teng, ke lemohile hobane hoo ho tswa letsohong la Modimo.

25. Hobane ya ka jang, ya ka iketlang kantle ho wona ke mang?

26. Efela motho eo o mo ratang, o ye o mo nee bohlale le tsebo le thabo; athe ya etsang sebe, Modimo o ye o mo nee mosebetsi wa ho bokella le ho totisa, hore o tle o nee eo o mo ratang. Hoo le hona ke lefeela le mosebetsi o nyopileng.

Moeklesia 2