Moeklesia 2:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ka ba ka re pelong ya ka: Tloo hle, ke tle ke o leke ka thabo, o latswe boiketlo; empa bonang hoo le hona ke lefeela.

2. Ka ba ka bolela ditsheho, ka re: Ha di tsebisahale; ka bolela le thabo, ka re: E thusang?

3. Yaba ke nahana pelong ya ka hore ke mpe ke thabise nama ya ka ka veine, leha pelo ya ka e ne e ka nna ya itsamaela ka hlalefo; ka hopola ho etsa ka bohlanya ba batho, ho fihlela ke bona molemo oo bana ba batho ba tshwanetseng ho o etsa tlasa mahodimo, ka bongatanyana ba ditshiu tsa ho phela ha bona.

4. Yaba ke etsa mesebetsi e meholo; ka ikgahela matlo, ka itlhomela merara;

5. ka iketsetsa masimo le dirapa tsa difate, ho tsona ka lema difate tse behang ditholwana tsa mefutafuta;

6. ka iketsetsa matamo a metsi a ho nosetsa moru wa difate tse melang.

7. Ka rua bafo ba banna le ba basadi; kantle ho bao, ba bang ya eba ba tswaletsweng ha ka tlung; hape, ka rua mehlape e meholo ya dikgomo le ya dinku, ho feta bohle ba bileng teng pele Jerusalema.

8. Ka ipokellela silefera le kgauta le menono ya marena le ya dinaha; ka ipatlela dibini tsa banna le tsa basadi, le menate ya bana ba batho, e leng basadi ba bangata;

9. ka ba motho e moholo, ya ruileng ho ena le mang kapa mang ya bileng teng pele Jerusalema, hape le hlalefo ya ka ya sala ho nna.

Moeklesia 2