4. le mamati a menyako a tla kwalwa ka nqa kantle; mohla modumo wa lelwala o tla fokola, mohla ho tla tsohuwa ha ho lla dinonyana, mohla ho tla kgathala dikgeleke kaofela;
5. mohla batho ba tla tshaba ho ya dinqalong tse phahameng, mme ho tla tsamauwa ditseleng ka ho tshoha; mohla amanda e tla palesa, le tshitwe e tla kgathatsa, le dijo di tla kgobohela motho, hobane o se a ikela tlung ya hae e sa feleng, mme balli ba potoloha lepatlelong;
6. mohala wa silefera o eso ho khaolwe, lampi ya kgauta e eso ho shwe, nkgo e eso ho thuhwe mohloding, lebidi le eso ho pshatlelwe sedibeng,
7. lerole le eso ho kgutlele leroleng, moo le tswileng teng, moya o eso ho kgutlele ho Modimo o neng o o nee.
8. Lefeela la mafeela, ho bolela Mmoledi, tsohle ke lefeela!
9. Mmoledi o ne a le bohlale. A boela a ruta setjhaba ho hlalefa, a botsisisa, a batlisisa, a lokisa dipuo tsa maele tse ngata.
10. Mmoledi o nnile a phehella ho fihlela dipapiso tse kgahlehang, mme tse ngodilweng ka ho loka ke taba tsa nnete.
11. Mantswe a ba bohlale a jwaloka ditsenene, maele a bokeletsweng a jwaloka dipekere tse kgokgothetsweng; ke a filweng ke modisa a le mong.
12. Oho mora ka, elellwa, etswe dibuka tse ngata tse etswang di sa fele, mme ho ithuta ka ho tlodisa ho kgathatsa mmele.
13. Bofello ba taba tseo kaofela ke jona: Tshaba Modimo, o boloke ditaelo tsa wona, hobane, ke yona tshwanelo yohle ya motho;
14. hobane Modimo o sa tla isa mesebetsi yohle kahlolong, le tse patilweng kaofela, leha e le tse ntle, leha e le tse mpe.