8. leha ho le jwalo, le hoja motho a ka phela ka dilemo tse ngata, a thaba ka tsona kaofela, a mpe a hopole le tshiu tsa lefifi, etswe di tla ba ngata. Tsohle tse tla hlaha ke lefeela.
9. Mohlankana, thabela botjha ba hao, mme pelo ya hao e ke e o nyakalatse matsatsing a botjha ba hao, o tsamaye ka dithato tsa pelo ya hao le ka tjhadimo ya mahlo a hao;
10. leha ho le jwalo, o nne o tsebe hoba Modimo o tla o ahlola ka tseo tsohle. Suthisa maswabi pela pelo ya hao, o bee bolotsana hole le mmele wa hao; hobane bongwana le botjha ke lefeela!