Moeklesia 10:10-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Ha tshepe e le botswa, e sa leotswe, ya sebetsang ka yona o tshwanetse ho etsa ka matla; bohlale bo ka tsosetsa motho masene.

11. Ha noha e loma e eso ho upellwe, ya e upellang ha a sa na thuso.

12. Mantswe a tswang molomong wa ya bohlale a kgahlisa kahohle, empa melomo ea lewatla e a le timetsa.

13. Qalo ya mantswe a molomo wa lona ke bothoto, mme qetello ya puo tsa lona ke bohlanya bo senyang.

14. Sethoto se atisa mantswe, kanthe ha ho motho ya tsebang se tla hlaha, se tla etsahala kamora hae. Ya ka mo senolelang sona ke ha e ka ba mang?

15. Mosebetsi wa mawatla o a a kgathatsa, hobane ha a tsebe le hanyenyane ho kgetha tsela e isang motseng.

16. Ho madimabe lefatshe leo morena wa lona e leng ngwana, leo mahosana a lona a jang e sa le hosasa!

17. Ho madimatle lefatshe leo morena wa lona e leng mora batho ba kgabane, leo mahosana a lona a jang ka nako e tshwanelehang, hore a bone matla, e seng ho tahwa.

18. Difate tse ferileng ntlo di wa ka baka la botswa ba matsholo a e ferileng, mme ntlo e nela ka baka la matsoho a tswafang ho sebetsa.

19. Seboka se etsetswa thabo, veine e thabisa ba phelang, ka ditjhelete ho fihlelwa tsohle.

20. Se hlapaole morena leha e ka ba mehopolong ya hao, o se ke wa hlapaola morui leha o le dikamoreng tsa hao tsa ho robala; hobane manong a lehodimo a ka tshoha a jala tse boletsweng, dinonyana tse rurang tsa hasa mantswe a hao.

Moeklesia 10