1. Dintsintsi tse shweleng di nkgisa le ho bodisa ole ya motlotsi; ho jwalo le bothoto bo bonyenyane, bo senya botumo ba ya tumileng ka bohlale le kganya.
2. Pelo ya ya bohlale e letsohong la hae le letona, empa pelo ya lewatla e ho le letshehadi;
3. esita leha sethoto se ya ka tsela, se ye se hloke kelello, mme se bolelle bohle hore ke dithoto.
4. Ha pelo ya mmusi e ka o halefela, o se ke wa furalla ditulo tsa hao, hobane mosa o ka o phemisa phoso e kgolo.
5. Ke bone taba e mpe tlasa letsatsi, ke phoso e yeng e etswe ke mmusi:
6. ke hobane bothoto bo ye bo bewe tulong tse phahameng, mme barui ba ye ba dule tulong tse kokobetseng.
7. Ke bone bafo ba palamang, le mahosana a tsamayang ka maoto jwaloka bafo.
8. Ya tjhekang lemena o tla wela ho lona, ya etsang sekgeo lerakong o tla longwa ke noha.
9. Ya suthisang majwe o tla pitlwa ke wona; ya rathang patsi o tla tswa kotsi.
10. Ha tshepe e le botswa, e sa leotswe, ya sebetsang ka yona o tshwanetse ho etsa ka matla; bohlale bo ka tsosetsa motho masene.
11. Ha noha e loma e eso ho upellwe, ya e upellang ha a sa na thuso.
12. Mantswe a tswang molomong wa ya bohlale a kgahlisa kahohle, empa melomo ea lewatla e a le timetsa.
13. Qalo ya mantswe a molomo wa lona ke bothoto, mme qetello ya puo tsa lona ke bohlanya bo senyang.