7. Dinoka tsohle di phallela lewatleng, athe lewatle ha le tlale; dinoka di ntse di phalla moo di phalletseng teng.
8. Ntho tsohle di kgathatsa ho feta kamoo motho a ka bolelang kateng. Leihlo ha le kgore ho di bona, tsebe ha e tlale kutlo ya tsona.
9. Ho bileng teng ho tla boela ho be teng; ho hlahileng ho tla nne ho hlahe; ha ho ho hotjha leha ho le hong tlasa letsatsi.
10. Na ntho e teng eo ka yona ho ka thweng: Bona hona, ke ho hotjha? ... Le mehleng e bileng pele ho rona, ho ne ho ntse ho le teng.