Moeklesia 1:14-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Ke bone mesebetsi yohle e etswang tlasa letsatsi; mme bonang, tsohle ke lefeela, ke mosebetsi o nyopileng.

15. Ho kgopameng ho ke ke ha inamoloha, mme se hlokehang se ke ke sa balwa.

16. Ka ba ka re pelong ya ka: Bona, ke holetse hlalefong, ka tswela pele ho yona ho fetisa motho ofe le ofe ya bileng teng pele Jerusalema, mme pelo ya ka e bone hlalefo le tsebo e kgolo.

17. Empa eitse ha ke sekamisetsa pelo ya ka tsebong ya hlalefo le tsebong ya bowatla le bothoto, ka lemoha hoba hoo ke mosebetsi o nyopileng;

18. hobane moo ho nang le hlalefo e ngata, ho hlomoha ho hongata ho teng le hona, mme ya itotisetsang tsebo, o itotisetsa le bona bohloko.

Moeklesia 1