13. Ke ntho e tenang eo Modimo o e neileng bana ba batho, hore be ikgathatse ka yona.
14. Ke bone mesebetsi yohle e etswang tlasa letsatsi; mme bonang, tsohle ke lefeela, ke mosebetsi o nyopileng.
15. Ho kgopameng ho ke ke ha inamoloha, mme se hlokehang se ke ke sa balwa.
16. Ka ba ka re pelong ya ka: Bona, ke holetse hlalefong, ka tswela pele ho yona ho fetisa motho ofe le ofe ya bileng teng pele Jerusalema, mme pelo ya ka e bone hlalefo le tsebo e kgolo.