11. Se kileng sa eba teng kgale, ha se hopolwe, esita le se tla tla kamorao se ke ke sa hopolwa; ba tlang ho tla kgajana, ba ke ke ba se hopola.
12. Nna Mmoledi, ke ne ke le morena wa Iseraele, Jerusalema, mme ka nna ka sekamisetsa pelo ya ka ho batla le ho botsisisa ka hlalefo ntho tsohle tse etswang tlasa mahodimo.
13. Ke ntho e tenang eo Modimo o e neileng bana ba batho, hore be ikgathatse ka yona.
14. Ke bone mesebetsi yohle e etswang tlasa letsatsi; mme bonang, tsohle ke lefeela, ke mosebetsi o nyopileng.