Mikea 7:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jo nna! ke jwaloka serapa, ha ho kotutswe ditholwana tsa sona, jwaloka tshimo ya merara e kgwahlapiswang, ha e kotutswe: ha ho sa le lesihla la morara le ka jewang, leha e le selopotsiya sa feiye se lakatswang ke moya wa ka!

2. Motho ya bokgabane o timetse lefatsheng, ha ho sa le ya lokileng hara batho. Bohle ba lalla hore ba tsholle madi, e mong le e mong o tsoma ngwanabo ka leraba.

3. Ba kena ka matsoho a mabedi bobeng, hore ba bo phethe: morena o a qela, moahlodi o ahlolela moputso, e moholo yena o bolela takatso e mpe ya moya wa hae; hammoho ba sothanya ditaba.

4. Ya fetang ba bang ka molemo o jwaloka tshehlo, le ya ba fetang ka ho loka o hlaba le ho fetisa lekgwakgwa la meutlwa. Letsatsi le boletsweng ke dibohodi tsa hao, letsatsi la kotlo ya hao le tlile; ke moo ba tla tsieleha.

5. Se tshepeng molekane, se ithetseng ka motswalle; lebela menyako ya molomo wa hao pela ya robetseng sefubeng sa hao;

6. hobane mora o nyedisa ntatae, moradi o tsohela mmae matla, ngwetsi e lwantsha matsala yona, mme ba ntlo ya motho ke bona bao e leng dira ho yena.

7. Empa haele nna, ke tla tadima ho Jehova, ke lebelle Modimo wa poloko ya ka; Modimo wa ka o tla nkutlwa!

8. O se ke wa thaba ka kotsi ya ka, wena o leng sera ho nna, hobane leha ke wele, ke tla boela ke eme; leha ke dutse lefifing, Jehova ho nna ke lesedi.

9. Ke tla jara kgalefo ya Jehova, hobane ke mo sitetswe, a tle a be a emele nyewe ya ka, a nkahlolele: o tla nntshetsa leseding, mme ke tla boha ho loka ha hae.

10. Eo e leng sera ho nna a ke a tadime, a apeswe ke dihlong, yena ya reng ho nna: Jehova, Modimo wa hao, o kae na? Mahlo a ka a tla kgolwa ke kotsi ya hae; jwale, o tla hatakelwa jwaloka seretse sa mmila!

Mikea 7