Mikea 4:5-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Hobane ditjhaba kaofela di tsamaya se seng le se seng ka lebitso la modimo wa sona, empa rona, re tla tsamaya ka lebitso la Jehova, Modimo wa rona, kamehla le mehla.

6. Tsatsing leo, ho itswe ke Jehova, ke tla phutha se hlotsang, se lelekilweng ke se bokelle le seo ke se entseng hampe;

7. se hlotsang ke tla se etsa masala, se lahletsweng hole ke se etse setjhaba se matla, mme ho tloha moo, Jehova o tla ba busa thabeng ya Sione, ka ho sa yeng kae.

8. Haele wena, qhobosheane ya mohlape, leralla la moradi wa Sione, ho wena ho tla tla, ho be ho finyelle borena ba pele, e leng mmuso wa moradi wa Jerusalema.

Mikea 4