Mikea 3:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke itse: Utlwang he, lona dihlooho tsa Jakobo, lona marena a ntlo ya Iseraele; na hase lona le tshwanetseng ho tseba se lokileng,

2. lona le hloyang botle, le ratang bobe, le buhang batho letlalo, le be le ba tlose le nama hodima masapo a bona? ...

3. Ba ja nama ya ba setjhaba sa ka, ba buha letlalo la bona, ba be ba pshatle masapo a bona, ba a kgaole dikoto, jwaloka eka ba a nokela pitseng, ba kgabele le nama ya bona jwaloka hoja ba ya e kenya hara pitsa e kgolo.

4. Mohlang oo, ba tla howeletsa ho Jehova, empa a ke ke a ba utlwa; o tla ba patela sefahleho sa hae nakong eo, kahobane ba sentse metsamao ya bona.

5. Ho itswe ke Jehova bakeng sa baporofeta ba thetsang setjhaba sa ka, bao ereng ha ba hlafuna ka meno a bona, ba bolele kgotso, empa ha motho a sa ba futise letho, ba mo tsosetse ntwa ...

6. Ka baka leo, le tla hlahelwa ke bosiu, e seng ke pono, le ke lefifi, e seng ke tshenolo; letsatsi le tla phirimela baporofeta, lesedi la motshehare le fifale hodima bona.

7. Diboni di tla swaba, dinohe di hlajwe ke dihlong; di tla pata ditedu tsa tsona kaofela ha tsona, hobane ha ho karabo e tswang ho Modimo.

Mikea 3