4. Ka tsatsi leo, ho tla etswa pina ya sesomo hodima lona, ho binwe le pina ya mahlomola e reng: Ho fedile! Re sentswe, re sentswe ruri. Jehova o nea ba bang lefa la setjhaba sa heso! O nkamoha lona jwang? O arolela bahedene masimo a rona!
5. Ka baka leo, o tla hloka ya akgelang kgwele ya ho lekanya hodima sekoto sa naha, phuthehong ya Jehova.
6. Baporofeta ba bohata ba ntse ba porofeta, ba re: Le se ke la hlola le porofeta; ba se ke ba nna ba porofeta tse jwalo; dikgalemelo tsa bona ha di fele!
7. Wena ya bitswang ntlo ya Jakobo, na pelo ya Jehova e kgutshwanyane? Na ke wona mokgwa wa hae? Dipolelo tsa ka na ha di hlahise molemo ho ya tsamayang ka ho loka?
8. Athe le moaba, setjhaba sa ka se ipeile sera. Le hlobodisa batho kobo eo ba e aparetseng hodima e nngwe, ha ba iphetela ka kgotso, ba sa hopole ntwa.