14. Ka baka leo, wena Sione, o tla hlalana le Moreshethe-Gathe (molebeletswa wa Gathe); matlo a Aksibe (thetso) e tla ba noka e psheleng ho marena a Iseraele.
15. Ke tla boela ke tlise ya jang lefa la hao, wena moahi wa Maresha (motse wa lefa); bao e leng kganya ya Iseraele ba tla balehela Adullame.
16. Wena Sione, kuta moriri wa hao, o ipeole hlooho bakeng sa bara ba hao ba ratehang! Hodisa bofatla ba hao, bo be jwaloka ba letlaka, hobane ba ya kgolehong, hole le wena.