1. Ke lena lentswe la Jehova le neng le tlele Mikea wa Moreshethe, mehleng ya Jothame, le Akase, le Esekiase, marena a Juda, e leng tseo a di boneng hodima Samaria le Jerusalema:
2. Utlwang, lona ditjhaba kaofela! Sekeha tsebe, wena lefatshe le seo o tletseng sona, Morena Jehova e be yena ya pakang tsa lona, Morena a le tlung ya hae e kgethehileng!
3. Hobane, bonang, Jehova o ya tswa nqalong ya hae, o tla theoha, a tsamaye hodima diphahameng tsa lefatshe;
4. dithaba di tla qhibidiha katlasa hae, dikgohlo di petsohe, jwaloka makgeha a dinotshi ha a le pela mollo, le jwaloka metsi a tsholletsweng motheong.