Mattheu 9:30-38 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

30. Mahlo a tsona a tutuboloha; mme Jesu a di laya haholo, a re: Iponeleng, hore taba eo e se ke ya tsejwa ke motho.

31. Empa ha di tswile, tsa hasanya botumo ba hae naheng eo yohle.

32. Tsa re di sa tswa tloha, Jesu a tlisetswa motho ya semumu, ya nang le motemona.

33. Mme ha ho lelekilwe motemona semumu sa bua; bongata ba makala, ba re: Taba e jwalo ha e eso ho ka e bonwa Iseraeleng!

34. Empa bafarisi ba re: O leleka batemona ka morena wa batemona.

35. Jesu a tsamaya, a tjhalakela metse yohle le metsana, a ruta masinagogeng a teng, a bolela Evangeli ya mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle.

36. Ha a bona matshwele, a a utlwela bohloko, hobane ba ne ba kgathetse, ba saretswe jwaloka dinku tse se nang modisa.

37. E bile moo a reng ho barutuwa ba hae: Kotulo e kgolo ruri, empa basebetsi ha ba bakae.

38. Rapelang ke hona Morena wa kotulo, hore a romele basebetsi kotulong ya hae.

Mattheu 9