22. Jesu a reteleha, a mo tadima, a re ho yena: Beta pelo, moradi wa ka; tumelo ya hao e o pholositse. Mme nakong yona eo, mosadi a fola.
23. Jesu ha a fihla tlung ya kgosana, a bona ba teang diphala le batho ba bangata ba etsang lerata le leholo.
24. A re ho bona: Tlohang, hobane morwetsana ha a shwa, o mpa a robetse. Mme ba mo tsheha.
25. Yare ha a ntsheditse bongata boo ntle, a kena, a mo tshwara ka letsoho, mme morwetsana a tsoha.
26. Mme taba eo ya tuma lefatsheng leo lohle.
27. Jesu ha a tloha moo, difofu tse pedi tsa mo latela, tsa howa, tsa re: Mora Davida, o re utlwele bohloko.
28. Eitse ha a kena tlung, difofu tseo tsa tla ho yena, mme Jesu a re ho tsona: Na le a dumela hore nka tseba ho etsa hoo na? Tsa re ho yena: E, Morena.
29. Yaba o ama mahlo a tsona, a re: Le etsetswe kamoo le dumetseng kateng.
30. Mahlo a tsona a tutuboloha; mme Jesu a di laya haholo, a re: Iponeleng, hore taba eo e se ke ya tsejwa ke motho.
31. Empa ha di tswile, tsa hasanya botumo ba hae naheng eo yohle.
32. Tsa re di sa tswa tloha, Jesu a tlisetswa motho ya semumu, ya nang le motemona.
33. Mme ha ho lelekilwe motemona semumu sa bua; bongata ba makala, ba re: Taba e jwalo ha e eso ho ka e bonwa Iseraeleng!
34. Empa bafarisi ba re: O leleka batemona ka morena wa batemona.