2. Yaba o tlisetswa motho ya omeletseng ditho, a rapaletse diphateng; Jesu ha a bona tumelo ya bona, a re ho ya omeletseng ditho: Beta pelo, ngwana ka, dibe tsa hao o di tshwaretswe.
3. Yaba ba bang ho bangodi ba re ka ho bona: Enwa o a nyefola.
4. Jesu ha a bona mehopolo ya bona, a re: Le hopolelang bobe ka dipelong tsa lona?
5. Hobane ke hofe ho leng bonolo, na ke ho re: O tshwaretswe dibe, kapa a ke ho re: Ema, o tsamaye, na?
6. Mme jwale — hore le tsebe hobane Mora motho o na le matla lefatsheng a ho tshwarela batho dibe — a re ho ya omeletseng ditho: Ema, o nke diphate tsa hao, o ikele tlung ya hao.
7. Yaba o a ema, a ikela tlung ya hae.
8. Bongata ha bo bona hoo, ba tsota, mme ba rorisa Modimo, kahobane o neile batho matla a makalo.
9. Jesu ha a tloha teng, a bona motho ya bitswang Mattheu, a dutse pela ntlo ya lekgetho; yaba o re ho yena: Ntatele. Mattheu a ema, a mo latela.
10. Yare ha a dutse dijong tlung, balekgetho ba bangata le baetsadibe ba kena, ba dula dijong le Jesu le barutuwa ba hae.
11. Bafarisi, ha ba bona hoo, ba re ho barutuwa ba hae: Na moruti wa lona o jelang le balekgetho le baetsadibe?
12. Jesu ha a utlwa, a re ho bona: Ba phelang hantle ha ba batle ngaka, empa e batlwa ke ba kulang.
13. Empa eyang, le ithute polelo e reng: Ke rata mohau, e seng sehlabelo; hobane ha ke a tla ho biletsa ba lokileng pakong, empa e le baetsadibe.
14. Mohlang oo, barutuwa ba Johanne ba tla ho Jesu, ba re: Rona le bafarisi, re itimelang dijo hangata, athe barutuwa ba hao ha ba itime tsona?
15. Jesu a re ho bona: Balekane ba monyadi na ba ka lla, monyadi ha a sa le ho bona na? Empa nako e a tla eo monyadi a tla tloswa ho bona, ke hona ba tla itima dijo.
16. Ha ho motho ya ka beang setsiba se setjha seaparong se tsofetseng, hobane setsiba se kenntsweng se ka hahola seaparo, sa eketsa taboho.
17. Hape, batho ha ba tshele veine e ntjha makukeng a kgale; hobane makuka a ka phatloha, mme jwale veine ya tsholoha, makuka le wona a timela. Veine e ntjha e mpa e tshelwa makukeng a matjha, mme ntho tse pedi tseo di a bolokeha.
18. A re a sa ba bolella ditaba tseo, hang, kgosana ya fihla, ya mo kgumamela, ya re: Moradi wa ka o tswa shwa hona jwale; empa tloo, o bee seatla sa hao hodima hae, mme o tla boela a phele.