Mattheu 9:1-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jesu a kena sekepaneng, a boela a tshela, mme a tla motseng wa habo.

2. Yaba o tlisetswa motho ya omeletseng ditho, a rapaletse diphateng; Jesu ha a bona tumelo ya bona, a re ho ya omeletseng ditho: Beta pelo, ngwana ka, dibe tsa hao o di tshwaretswe.

3. Yaba ba bang ho bangodi ba re ka ho bona: Enwa o a nyefola.

4. Jesu ha a bona mehopolo ya bona, a re: Le hopolelang bobe ka dipelong tsa lona?

5. Hobane ke hofe ho leng bonolo, na ke ho re: O tshwaretswe dibe, kapa a ke ho re: Ema, o tsamaye, na?

6. Mme jwale — hore le tsebe hobane Mora motho o na le matla lefatsheng a ho tshwarela batho dibe — a re ho ya omeletseng ditho: Ema, o nke diphate tsa hao, o ikele tlung ya hao.

7. Yaba o a ema, a ikela tlung ya hae.

8. Bongata ha bo bona hoo, ba tsota, mme ba rorisa Modimo, kahobane o neile batho matla a makalo.

9. Jesu ha a tloha teng, a bona motho ya bitswang Mattheu, a dutse pela ntlo ya lekgetho; yaba o re ho yena: Ntatele. Mattheu a ema, a mo latela.

10. Yare ha a dutse dijong tlung, balekgetho ba bangata le baetsadibe ba kena, ba dula dijong le Jesu le barutuwa ba hae.

11. Bafarisi, ha ba bona hoo, ba re ho barutuwa ba hae: Na moruti wa lona o jelang le balekgetho le baetsadibe?

12. Jesu ha a utlwa, a re ho bona: Ba phelang hantle ha ba batle ngaka, empa e batlwa ke ba kulang.

Mattheu 9