Mattheu 9:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jesu a kena sekepaneng, a boela a tshela, mme a tla motseng wa habo.

2. Yaba o tlisetswa motho ya omeletseng ditho, a rapaletse diphateng; Jesu ha a bona tumelo ya bona, a re ho ya omeletseng ditho: Beta pelo, ngwana ka, dibe tsa hao o di tshwaretswe.

3. Yaba ba bang ho bangodi ba re ka ho bona: Enwa o a nyefola.

4. Jesu ha a bona mehopolo ya bona, a re: Le hopolelang bobe ka dipelong tsa lona?

5. Hobane ke hofe ho leng bonolo, na ke ho re: O tshwaretswe dibe, kapa a ke ho re: Ema, o tsamaye, na?

6. Mme jwale — hore le tsebe hobane Mora motho o na le matla lefatsheng a ho tshwarela batho dibe — a re ho ya omeletseng ditho: Ema, o nke diphate tsa hao, o ikele tlung ya hao.

7. Yaba o a ema, a ikela tlung ya hae.

8. Bongata ha bo bona hoo, ba tsota, mme ba rorisa Modimo, kahobane o neile batho matla a makalo.

9. Jesu ha a tloha teng, a bona motho ya bitswang Mattheu, a dutse pela ntlo ya lekgetho; yaba o re ho yena: Ntatele. Mattheu a ema, a mo latela.

10. Yare ha a dutse dijong tlung, balekgetho ba bangata le baetsadibe ba kena, ba dula dijong le Jesu le barutuwa ba hae.

Mattheu 9