3. Jesu a nanabetsa letsoho, a mo ama, a re: Ke a rata, o ntlafale. Yaba lepera la hae le fola hang.
4. Jesu a re ho yena: O iponele, o se ke wa bolella motho; o mpe o ye, o ipontshe ho moprista, mme o hlahise mpho e laetsweng ke Moshe, e tle e be bopaki ho bona.
5. Eitse ha Jesu a kena Kapernauma, molaodi wa lekgolo a tla ho yena, a mo rapela,
6. a re: Morena, mohlanka wa ka o rapaletse tlung; o omeletse ditho, mme o kula hampe.
7. Jesu a re ho yena: Ke tla ya, ke mo fodise.
8. Empa molaodi wa lekgolo a bua, a re: Morena, ha ke na tokelo ya hobane o kene tlung ya ka; o mpe o bue polelo feela, mme mohlanka wa ka o tla fola.
9. Hobane le nna, ke leng motho ya buswang ke ba bang, ke na le bahlabani ba katlase ho nna; mme ha ke re ho e mong: Eya, o a ye; le ho e mong: Tloo, o a tle; le ho mohlanka wa ka: Etsa hoitseng, o a ho etse.