Mattheu 8:21-34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. E mong wa barutuwa a re ho yena: Morena, ntumelle, ke ye ho epela ntate pele.

22. Empa Jesu a re ho yena: Ntatele, o lese bafu ba epele bafu ba bona.

23. Eitse ha a kene sekepaneng, barutuwa ba hae le bona ba kena.

24. Mme bonang, ha tsoha sefefo se seholo lewatleng, sekepana sa ba sa apeswa ke maqhubu a metsi; empa Jesu yena o ne a robetse.

25. Yaba barutuwa ba hae ba mo atamela, ba mo tsosa, ba re: Morena, re pholose; re a timela!

26. A re ho bona: Batho ba tumelo e nyenyane, le boi keng na? Yaba o ema, a kgalemela meya le lewatle; mme kgutso e kgolo ya eba teng.

27. Batho bao ba tsota haholo, ba re: Enwa ke ya jwang, ha a utluwa le ke meya le lewatle?

28. Yare ha a fihlile mose wane, naheng ya Bagadarene, a kgahlanyetswa ke batho ba babedi ba nang le batemona, ba tswa mabitleng; e ne e le ba hlanyang hampe, hoo ho neng ho se motho ya ka betang pelo ho feta ka tsela eo.

29. Ba howa, ba re: Taba ya rona le wena keng, Mora wa Modimo? Na o tlile mona ho re hlokofatsa, e eso ho be nako ya teng na?

30. Mme hojana le bona, mohlape o moholo wa bo o le teng, wa dikolobe tse fulang.

31. Batemona ba mo rapela, ba re: Ha o re leleka mona, o re romele mohlapeng wa dikolobe.

32. A re ho bona: Eyang. Yaba ba tswa, ba ya dikolobeng; mme hang, mohlape wohle wa dikolobe wa mathela selomong, wa itihela lewatleng, mme tsa eshwa metsing.

33. Yaba badisa ba baleha; ha ba fihla hae, motseng, ba bolela ditaba tseo tsohle, le tse hlahetseng ba neng ba ena le batemona.

34. Yaba ba motse kaofela ba tswela ho kgahlanyetsa Jesu, mme ha ba mmona, ba mo rapela haholo, hore a tlohe naheng ya bona.

Mattheu 8