Mattheu 8:12-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Empa bara ba mmuso ba tla lahlelwa lefifing le kantle, moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.

13. Yaba Jesu o re ho molaodi wa lekgolo: Eya, o etsetswe kamoo a dumetseng kateng. Mme mohlanka wa hae a fola nakong yona eo.

14. Jesu ha a etla tlung ya Petrose, a fumana mohwehadi wa hae a robetse, a jewa ke febere.

15. Yare ha a mo amile letsoho, febere ya mo tlohela, mme a tsoha, a mo sebeletsa.

16. Yare mantsiboya, ha tliswa ho yena ba bangata ba nang le batemona, a leleka meya ho bona ka polelo feela; a fodisa bohle ba seng monate;

17. hore ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta Esaia, ha a re: O inketse mefokolo ya rona, o ipelesitse malwetse a rona.

18. Jesu ha a bona hobane matshwele a maholo a mo teetse hare, a laela barutuwa hore ba mo tshedisetse mose.

Mattheu 8