Mattheu 8:10-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Jesu, ha a mo utlwa, a tsota, mme a bolella ba mo latelang, a re: Kannete ke a le bolella, ke re: Ha ke eso ho bone tumelo e kalo, le Iseraeleng.

11. Ke a le bolella, ke re: Ba bangata ba tla tswa botjhabela le bophirimela, mme ba tla dula dijong le Abrahama, le Isaaka, le Jakobo mmusong wa mahodimo.

12. Empa bara ba mmuso ba tla lahlelwa lefifing le kantle, moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.

13. Yaba Jesu o re ho molaodi wa lekgolo: Eya, o etsetswe kamoo a dumetseng kateng. Mme mohlanka wa hae a fola nakong yona eo.

14. Jesu ha a etla tlung ya Petrose, a fumana mohwehadi wa hae a robetse, a jewa ke febere.

15. Yare ha a mo amile letsoho, febere ya mo tlohela, mme a tsoha, a mo sebeletsa.

16. Yare mantsiboya, ha tliswa ho yena ba bangata ba nang le batemona, a leleka meya ho bona ka polelo feela; a fodisa bohle ba seng monate;

17. hore ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta Esaia, ha a re: O inketse mefokolo ya rona, o ipelesitse malwetse a rona.

18. Jesu ha a bona hobane matshwele a maholo a mo teetse hare, a laela barutuwa hore ba mo tshedisetse mose.

19. Ebile e mong, e leng mongodi, o mo atamela, a re ho yena: Moruti, moo o yang teng, leha e le kae le kae, ke tla o latela.

20. Jesu a re ho yena: Diphokojwe di na le mesima, le dinonyana tsa lehodimo di na le matlo; empa Mora motho ha a na moo a ka samelang hlooho ya hae teng.

Mattheu 8