15. Phemang baporofeta ba bohata, ba tlang ho lona ba apere kobo ya nku, empa kahare e le diphiri tse hapakang.
16. Le tla ba tseba ka ho beha ha bona. Ana morara o kgolwa meutlweng, kapa a difeiye di kgolwa dibajweng na?
17. Efela sefate ka seng se monate se beha ditholwana tse monate; le sefate ka seng se sebe se beha ditholwana tse mpe.
18. Sefate se monate se ka sitwa ho beha ditholwana tse mpe, mme sefate se sebe se ka sitwa ho beha ditholwana tse monate;
19. Sefate se seng le se seng se sa beheng ditholwana tse monate, se tla rengwa, se lahlelwe mollong.
20. Ke moo ke reng: Le tla ba tseba ka ho beha ha bona.
21. Hase bohle ba reng ho nna: Morena! Morena! ba tlang ho kena mmusong wa mahodimo; empa ho tla kena ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong.
22. Tsatsing leo, ba bangata ba tla re ho nna: Morena, Morena, na ha re a ka ra porofeta ka lebitso la hao na? Na ha re a ka ra leleka bademona ka lebitso la hao na? Na ha re a ka ra etsa mehlolo e mengata ka lebitso la hao na?
23. Mohlang oo, ke tla ba bolella pepeneneng, ke re: Ha ke a ka ka le tseba le mehla; ntloheleng, lona ba sebetsang bokgopo.
24. Ka baka leo, e mong le e mong ya mamelang dipolelo tseo tsa ka, mme a etsa ka tsona, nka mo tshwantsha ka monna ya bohlale, ya hahileng ntlo ya hae letlapeng;
25. mme pula ya theoha, phororo tsa tla, le meya ya foka, ya otla ntlo eo; mme ha e a ka ya wa, kahobane motheo wa yona o le letlapeng.
26. Empa e mong le e mong ya mamelang dipolelo tseo tsa ka, mme a sa etse ka tsona, a ka tshwantshwa ka monna ya lewatla, ya hahileng ntlo ya hae lehlabatheng;
27. mme pula ya theoha, phororo tsa tla, le meya ya foka, ya otla ntlo eo, mme ya wa, mme ho wa ha yona ya eba ho hoholo.