10. Kapa ha a kopile hlapi, na a ka mo nea noha na?
11. Mme lona, ba lonya, ha le tseba ho nea bana ba lona ntho tse molemo, Ntata lona ya mahodimong o tla fetisa hakakang ka ho nea ba kopang ho yena tse molemo!
12. Mme jwale, ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lona; hobane ke wona molao le baporofeta.
13. Kenang ka monyako o patisaneng; hobane monyako wa timelo o hebehebe, le tsela e yang teng e phatlaletse, mme ba kenang teng ba bangata.
14. Hobane monyako wa bophelo o patisane, le tsela e yang teng e tshesane, mme ba e fumanang ha ba bakae.
15. Phemang baporofeta ba bohata, ba tlang ho lona ba apere kobo ya nku, empa kahare e le diphiri tse hapakang.
16. Le tla ba tseba ka ho beha ha bona. Ana morara o kgolwa meutlweng, kapa a difeiye di kgolwa dibajweng na?