1. Se ahloleng, le tle le se ke la ahlolwa;
2. hobane le tla ahlolwa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka yona; mme tekanyo eo le lekanyang ba bang ka yona, le tla lekanyetswa ka yona le lona.
3. O tadimelang lehlokwana le leihlong la ngwaneno, athe ha o lemohe tshiya e ka leihlong la hao?
4. Kapa, o ka bolella ngwaneno jwang, wa re: Lesa, ke ntshe lehlokwana leihlong la hao, kanthe o na le tshiya leihlong la hao?
5. Moikaketsi, qala hle ka ho ntsha tshiya e leihlong la hao, ke moo o tla bontshisa ho ntsha lehlokwana leihlong la ngwaneno.
6. Se neeng dintja dintho tse halalelang, le se ke la lahlela diperela tsa lona pela dikolobe, esere mohlomong tsa di hatakela ka maoto, tsa ntoo sokolohela ho lona, tsa le harola.
7. Kopang, mme le tla newa; batlang, mme le tla fumana; kokotang, mme le tla bulelwa.
8. Hobane e mong le e mong ya kopang, o a newa; ya batlang o a fumana, mme ho bulelwa ya kokotang.
9. Ana motho ke ofe ho lona ya ka neang mora wa hae lejwe, ha a kopile bohobe?
10. Kapa ha a kopile hlapi, na a ka mo nea noha na?
11. Mme lona, ba lonya, ha le tseba ho nea bana ba lona ntho tse molemo, Ntata lona ya mahodimong o tla fetisa hakakang ka ho nea ba kopang ho yena tse molemo!
12. Mme jwale, ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lona; hobane ke wona molao le baporofeta.