Mattheu 6:2-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Ka baka leo, ha o etsa thuso, o se ke wa letsa terompeta pela hao, jwalokaha ho etswa ke baikaketsi ka masinagogeng le diterateng, ba tle ba roriswe ke batho. Kannete ke a le bolella, ke re: Ba se ba nkile moputso wa bona.

3. Empa wena, ha o etsa thuso, letsoho la hao le letshehadi le se ke la tseba se etswang ke le letona la hao,

4. hore thuso ya hao e be sephiring; mme Ntatao ya bonang sephiring, o tla o putsa.

5. Leha le rapela, le se ke la ba jwaloka baikaketsi, ba ratang ho rapela ba eme masinagogeng le dikoung tsa diterata, hore ba bonwe ke batho. Kannete ke a le bolella, ke re: Ba se ba nkile moputso wa bona.

6. Empa wena, ha o rapela, kena phaposing ya hao, mme ha o kwetse monyako wa hao, o rapele Ntatao ya sephiring; mme Ntatao ya bonang sephiring, o tla o putsa.

7. Ha le rapela, le se ke la touta jwaloka bahetene; hobane ba hloma ba tla utluwa ke ho bua haholo.

8. Empa le se ke la tshwana le bona; hobane Ntata lona o tseba seo le se hlokang, le eso ho qele ho yena.

9. Jwale lona, rapelang jwalo, le re: Ntata rona ya mahodimong, lebitso la hao a le ke le kgethehe;

10. ho tle mmuso wa hao; thato ya hao e etswe lefatsheng, jwalokaha e etswa lehodimong;

11. o re fe kajeno bohobe ba rona ba tsatsi le leng le le leng;

12. o re tshwarele melato ya rona, jwalokaha re tshwarela ba nang le melato ho rona;

13. o se ke wa re isa molekong; o mpe o re lwele ho e mobe; [hobane mmuso ke wa hao, le matla, le kganya ka ho se feleng. Amen!]

14. Hobane ekare ha le tshwarela batho ditlolo tsa bona, Ntata lona ya mahodimong o tla le tshwarela le lona;

15. empa ekare ha le sa tshwarele batho ditlolo tsa bona, Ntata lona le yena a ke ke a le tshwarela ditlolo tsa lona.

16. Ha le itima dijo, le se ke la sosobanya difahleho tsa lona, jwaloka baikaketsi; ba itshenya tshobotsi, ba tle ba bonahale ho batho hobane ba itima dijo. Kannete ke a le bolella, ke re: Ba se ba nkile moputso wa bona.

17. Haele wena, enore ha o itima dijo, o itlotse hlooho, o iphotle sefahleho;

18. o tle o se ke wa bonahala ho batho hobane o itima dijo, ho mpe ho tsejwe ke Ntatao ya sephiring; mme Ntatao ya bonang sephiring, o tla o putsa.

19. Le se ke la ipokellela matlotlo lefatsheng, moo tshwele le mafome a jang teng, le moo mashodu a fatang teng, a utswang.

Mattheu 6