18. o tle o se ke wa bonahala ho batho hobane o itima dijo, ho mpe ho tsejwe ke Ntatao ya sephiring; mme Ntatao ya bonang sephiring, o tla o putsa.
19. Le se ke la ipokellela matlotlo lefatsheng, moo tshwele le mafome a jang teng, le moo mashodu a fatang teng, a utswang.
20. Le mpe le ipokellele matlotlo lehodimong, moo tshwele le mafome a sa jeng teng, le moo ho seng mashodu a fatang, a utswang.
21. Hobane moo letlotlo la hao le leng teng, ke moo le pelo ya hao e tla ba teng.
22. Lebone la mmele ke leihlo; ka baka leo, ha leihlo la hao le lokile, mmele wohle wa hao o tla ba le lesedi.
23. Empa ekare ha leihlo la hao le le lebe, mmele wohle wa hao o tla ba lefifing. Mme jwale, ha lesedi le leng ho wena e le lefifi, lefifi leo e tla ba le lekakang!
24. Ha ho motho ya ka tsebang ho sebeletsa marena a mabedi: hobane kapa o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ka sitwa ho sebeletsa Modimo le Mamona.
25. Ke moo ke reng ho lona: Le se ke la belaela ka tsa ho phela ha lona, ka seo le tla se ja, le ka seo le tla se nwa; leha e le ka sa mmele ya lona, ka seo le tla se apara. Na bophelo ha bo fetise dijo na? Na mmele ha o fetise seaparo na?