35. leha e le ka lefatshe, hobane ke bonamelo ba maoto a wona; leha e le ka Jerusalema, hobane ke motse wa morena e moholo.
36. O se ke wa ana le ka hlooho ya hao, hobane qoba ya moriri, leha e le nngwe, o ka sitwa ho e fetola bosweu, leha e le botsho.
37. Empa puo ya lona e be e, e, tjhe, tjhe; se eketswang se tswa ho e mobe.
38. Le utlwile hoba ho boletswe, ha thwe: Leihlo le phetetswe ka leihlo, leino ka leino.
39. Empa nna, ke re: Le se ke la hanela ya le etsang hampe; empa ekare ha motho a o jabela lerama le letona, o mo sekehele le lona le leng.