34. Empa nna, ke re ho lona: Le se ke la hlapanya le ho leka; leha e le ka lehodimo, hobane ke terone ya Modimo;
35. leha e le ka lefatshe, hobane ke bonamelo ba maoto a wona; leha e le ka Jerusalema, hobane ke motse wa morena e moholo.
36. O se ke wa ana le ka hlooho ya hao, hobane qoba ya moriri, leha e le nngwe, o ka sitwa ho e fetola bosweu, leha e le botsho.
37. Empa puo ya lona e be e, e, tjhe, tjhe; se eketswang se tswa ho e mobe.
38. Le utlwile hoba ho boletswe, ha thwe: Leihlo le phetetswe ka leihlo, leino ka leino.
39. Empa nna, ke re: Le se ke la hanela ya le etsang hampe; empa ekare ha motho a o jabela lerama le letona, o mo sekehele le lona le leng.
40. Motho, ha a rata ho o tsekisa le ho o amoha kojwana, o mo tlohelle le yona kobo.
41. Ekare ha motho a o qobella, hore o tsamaye le yena meile e le nngwe, o tsamaye di le pedi.
42. Nea ya qelang ho wena, o se ke wa furalla ya ratang ho adima ho wena.
43. Le utlwile hoba ho kile ho thwe: Rata wa heno, o hloye eo e leng sera ho wena.
44. Empa nna, ke re ho lona: Ratang bao e leng dira ho lona, le hlohonolofatse ba le rohakang; ba le hloileng le ba etse hantle, le rapelle ba le tsohelang matla le ba le hlorisang;
45. le tle le be bana ba Ntata lona ya mahodimong; hobane o tjhabisetsa ba babe le ba batle letsatsi la hae, mme o nesetsa ba lokileng le ba kgopo.
46. Hobane ha le rata ba le ratang, le ka ba le moputso ofe? Na balekgetho ha ba etse jwalo le bona na?
47. Mme ha le dumedisa banababo lona feela, le etsa ho fetisang hofe? Balekgetho le bona ha ba etse jwalo na?