Mattheu 5:32-43 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

32. Empa nna, ke re ho lona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya hlalang mosadi wa hae, haese ka baka la bofebe, o mmea hore a fetohe mofebi; mme e mong le e mong ya nyalang mosadi ya hladilweng, o a feba.

33. Hape, le utlwile hoba ho boleletswe baholo, ha thwe: O se ke wa kweneha kanong ya hao, o mpe o nee Morena seo o mmaletseng sona ka kano.

34. Empa nna, ke re ho lona: Le se ke la hlapanya le ho leka; leha e le ka lehodimo, hobane ke terone ya Modimo;

35. leha e le ka lefatshe, hobane ke bonamelo ba maoto a wona; leha e le ka Jerusalema, hobane ke motse wa morena e moholo.

36. O se ke wa ana le ka hlooho ya hao, hobane qoba ya moriri, leha e le nngwe, o ka sitwa ho e fetola bosweu, leha e le botsho.

37. Empa puo ya lona e be e, e, tjhe, tjhe; se eketswang se tswa ho e mobe.

38. Le utlwile hoba ho boletswe, ha thwe: Leihlo le phetetswe ka leihlo, leino ka leino.

39. Empa nna, ke re: Le se ke la hanela ya le etsang hampe; empa ekare ha motho a o jabela lerama le letona, o mo sekehele le lona le leng.

40. Motho, ha a rata ho o tsekisa le ho o amoha kojwana, o mo tlohelle le yona kobo.

41. Ekare ha motho a o qobella, hore o tsamaye le yena meile e le nngwe, o tsamaye di le pedi.

42. Nea ya qelang ho wena, o se ke wa furalla ya ratang ho adima ho wena.

43. Le utlwile hoba ho kile ho thwe: Rata wa heno, o hloye eo e leng sera ho wena.

Mattheu 5