3. Ho lehlohonolo bafumanehi moyeng, hobane mmuso wa mahodimo ke wa bona.
4. Ho lehlohonolo ba llang; hobane ba tla tshediswa.
5. Ho lehlohonolo ba bonolo; hobane ba tla ja lefa la lefatshe.
6. Ho lehlohonolo ba lapelang ho loka, ba nyoretsweng hona; hobane ba tla kgoriswa.
7. Ho lehlohonolo ba mohau; hobane ba tla hauhelwa.
8. Ho lehlohonolo ba pelo di hlwekileng; hobane ba tla bona Modimo.
9. Ho lehlohonolo ba etsang kgahiso; hobane ba tla rewa bana ba Modimo.
10. Ho lehlohonolo ba hlorisetswang ho loka; hobane mmuso wa mahodimo ke wa bona.
11. Le tla ba lehlohonolo, ha ba le hlapaola ka baka la ka, ba le hlorisa, ba le bea bobe bohle ka bohata.
12. Thabang, le hlasimolohe ka ho nyakalla; hobane moputso wa lona o tla ba moholo lehodimong; hobane ba hlorisitse jwalo baporofeta ba bileng teng pele ho lona.
13. Le letswai la lefatshe; empa ekare ha letswai le tapa, le ka nokwa kang? Ha le sa na mosebetsi, le se le ka mpa la lahlelwa kantle, la hatwa ke batho.
14. Le lesedi la lefatshe. Motse o beilweng hodima thaba, ha o na ho patwa.
15. Lebone le lona ha le hoteletswe ho kenngwa katlasa morula, empa e le ho hlongwa kandelareng, le tle le bonesetse bohle ba leng tlung.
16. Lesedi la lona le ke le kganyetse batho jwalo, ba tle ba bone mesebetsi ya lona e molemo, mme ba rorise Ntata lona ya mahodimong.