Mattheu 5:27-38 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

27. Le utlwile hoba ho boleletswe baholo, ha thwe: O se ke wa feba.

28. Empa nna, ke re ho lona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya tadimang mosadi ho mo lakatsa, o se a mo febile pelong ya hae.

29. Ekare ha leihlo la hao le letona le o dihela, o le honye, mme o le lahlele hole le wena; hobane ho ka ba molemo ho wena ha setho sa hao se timela se le seng feela, mmele wohle wa hao o se ke wa lahlelwa diheleng.

30. Ekare ha letsoho la hao le letona le o dihela, o le pome, mme o le lahlele hole le wena; hobane ho ka ba molemo ho wena ha setho sa hao se timela se le seng feela, mmele wohle wa hao o se ke wa lahlelwa diheleng.

31. Ho boletswe hape, ha thwe: Motho ha a hlala mosadi wa hae, a mo nee lengolo la hlalo.

32. Empa nna, ke re ho lona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya hlalang mosadi wa hae, haese ka baka la bofebe, o mmea hore a fetohe mofebi; mme e mong le e mong ya nyalang mosadi ya hladilweng, o a feba.

33. Hape, le utlwile hoba ho boleletswe baholo, ha thwe: O se ke wa kweneha kanong ya hao, o mpe o nee Morena seo o mmaletseng sona ka kano.

34. Empa nna, ke re ho lona: Le se ke la hlapanya le ho leka; leha e le ka lehodimo, hobane ke terone ya Modimo;

35. leha e le ka lefatshe, hobane ke bonamelo ba maoto a wona; leha e le ka Jerusalema, hobane ke motse wa morena e moholo.

36. O se ke wa ana le ka hlooho ya hao, hobane qoba ya moriri, leha e le nngwe, o ka sitwa ho e fetola bosweu, leha e le botsho.

37. Empa puo ya lona e be e, e, tjhe, tjhe; se eketswang se tswa ho e mobe.

38. Le utlwile hoba ho boletswe, ha thwe: Leihlo le phetetswe ka leihlo, leino ka leino.

Mattheu 5