Mattheu 5:21-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Le utlwile hoba ho boleletswe baholo, ha thwe: O se ke wa bolaya; mme, ya bolaileng o tla tshwanelwa ke kahlolo.

22. Empa nna, ke re ho lona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya halefelang ngwanabo feela, o tla tshwanelwa ke kahlolo; ya reng ho ngwanabo: Raka, o tla tshwanelwa ke kahlolo ya lekgotla; mme ya reng ho yena: O lehlanya, o tla tshwanelwa ke mollo wa dihele.

23. Ka baka leo, ha o hlahisa kabelo ya hao aletareng, mme teng o hopola hobane ngwaneno o na le taba le wena,

24. siya kabelo ya hao moo, pela aletare, o ye ho boelana le ngwaneno pele, o ntano tla hlahisa kabelo ya hao.

25. O phakise o dumellane le ya tsekisanang le wena, le sa le tseleng le yena; esere mohlomong ya tsekisanang le wena a o neela maohlodi, mme moahlodi a o neela mohlanka wa kahlolo, mme wa kgarameletswa teronkong.

26. Kannete ke a o bolella, ke re: O ke ke wa tswa teng o eso ho lefe tjheletana e horeletseng.

27. Le utlwile hoba ho boleletswe baholo, ha thwe: O se ke wa feba.

28. Empa nna, ke re ho lona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya tadimang mosadi ho mo lakatsa, o se a mo febile pelong ya hae.

29. Ekare ha leihlo la hao le letona le o dihela, o le honye, mme o le lahlele hole le wena; hobane ho ka ba molemo ho wena ha setho sa hao se timela se le seng feela, mmele wohle wa hao o se ke wa lahlelwa diheleng.

Mattheu 5