Mattheu 5:18-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Hobane kannete ke a le bolella, ke re: Lehodimo le lefatshe ha di eso ho fete, jota leha e le nngwe, le hlaku leha e le nngwe ya molao, e ke ke ya feta, ho eso ho etsahale ntho tsohle.

19. Ka baka leo, ya tlolang o mong o monyenyane wa melao eo, mme a ruta batho ho etsa jwalo, o tla bitswa e monyenyane mmusong wa mahodimo; empa ya e bolokang, mme a ruta batho ho e boloka, yena o tla bitswa e moholo mmusong wa mahodimo.

20. Hobane ke a le bolella, ke re: Ho loka ha lona ha ho sa fetise ha bangodi le ha bafarisi, le ke ke la kena mmusong wa mahodimo.

21. Le utlwile hoba ho boleletswe baholo, ha thwe: O se ke wa bolaya; mme, ya bolaileng o tla tshwanelwa ke kahlolo.

22. Empa nna, ke re ho lona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya halefelang ngwanabo feela, o tla tshwanelwa ke kahlolo; ya reng ho ngwanabo: Raka, o tla tshwanelwa ke kahlolo ya lekgotla; mme ya reng ho yena: O lehlanya, o tla tshwanelwa ke mollo wa dihele.

23. Ka baka leo, ha o hlahisa kabelo ya hao aletareng, mme teng o hopola hobane ngwaneno o na le taba le wena,

24. siya kabelo ya hao moo, pela aletare, o ye ho boelana le ngwaneno pele, o ntano tla hlahisa kabelo ya hao.

25. O phakise o dumellane le ya tsekisanang le wena, le sa le tseleng le yena; esere mohlomong ya tsekisanang le wena a o neela maohlodi, mme moahlodi a o neela mohlanka wa kahlolo, mme wa kgarameletswa teronkong.

Mattheu 5