1. Jesu, ha a bona matshwele, a nyolohela thabeng; mme hobane a dule, barutuwa ba hae ba mo atamela.
2. Yaba o ahlamisa molomo wa hae, a ba ruta, a re:
3. Ho lehlohonolo bafumanehi moyeng, hobane mmuso wa mahodimo ke wa bona.
4. Ho lehlohonolo ba llang; hobane ba tla tshediswa.
5. Ho lehlohonolo ba bonolo; hobane ba tla ja lefa la lefatshe.
6. Ho lehlohonolo ba lapelang ho loka, ba nyoretsweng hona; hobane ba tla kgoriswa.
7. Ho lehlohonolo ba mohau; hobane ba tla hauhelwa.
8. Ho lehlohonolo ba pelo di hlwekileng; hobane ba tla bona Modimo.
9. Ho lehlohonolo ba etsang kgahiso; hobane ba tla rewa bana ba Modimo.