8. Diabolose a boela a mo nkela thabeng e telele haholo, a mmontsha mebuso yohle ya lefatshe le kganya ya yona,
9. a re ho yena: Ntho tseo kaofela ke tla o nea tsona, ha o ka wa ka mangwele, wa nkgumamela.
10. Jwale, Jesu a re ho yena: Tloha, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe: Kgumamela Morena, Modimo wa hao, mme o sebeletse yena feela.
11. Jwale, Diabolose a mo tlohela; mme bonang, mangeloi a atamela Jesu, a mo sebeletsa.
12. Eitse Jesu ha a utlwile hobane Johanne o kenntswe teronkong, a boela Galelea;
13. a falla Nasaretha, a ya aha Kapernauma, motse o pela lewatle, naheng ya Sabulone le Nefthali;
14. hore ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta Esaia, ha a re:
15. Lefatshe la Sabulone le lefatshe la Nefthali, tseleng ya lewatle, mose wa Jordane, Galelea wa ditjhaba,
16. setjhaba se neng se dutse lefifing, se bone lesedi le leholo; mme lesedi le tjhabetse ba neng ba dutse naheng ya lefu le moriting wa lona.
17. Ho tloha mohlang oo, Jesu a qala ho ruta, a re: Bakang, hobane mmuso wa mahodimo o atametse.
18. Jesu, ha a sika le lewatle la Galelea, a bona bara ba babedi ba motho a le mong, e le Simone, ya bitswang Petrose, le Andrease, ngwanabo, ba akgela matlowa a bona lewatleng; hobane e ne e le ba tshwasang dihlapi.
19. A re ho bona: Ntateleng, mme ke tla le etsa ba tshwasang batho.
20. Yaba ba phakisa ba tlohela matlowa a bona, ba mo latela.