Mattheu 4:6-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. a re ho yena: Ekare ha o le Mora wa Modimo, o itihele fatshe; hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tla o laella mangeloi a wona, mme a tla o kgakeletsa matsohong a wona, hore leoto la hao le se ke la kgoptjwa ke lejwe.

7. Jesu a re ho yena: Ho ngodilwe hape, ho thwe: O se ke wa leka Morena, Modimo wa hao.

8. Diabolose a boela a mo nkela thabeng e telele haholo, a mmontsha mebuso yohle ya lefatshe le kganya ya yona,

9. a re ho yena: Ntho tseo kaofela ke tla o nea tsona, ha o ka wa ka mangwele, wa nkgumamela.

10. Jwale, Jesu a re ho yena: Tloha, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe: Kgumamela Morena, Modimo wa hao, mme o sebeletse yena feela.

11. Jwale, Diabolose a mo tlohela; mme bonang, mangeloi a atamela Jesu, a mo sebeletsa.

12. Eitse Jesu ha a utlwile hobane Johanne o kenntswe teronkong, a boela Galelea;

13. a falla Nasaretha, a ya aha Kapernauma, motse o pela lewatle, naheng ya Sabulone le Nefthali;

14. hore ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta Esaia, ha a re:

15. Lefatshe la Sabulone le lefatshe la Nefthali, tseleng ya lewatle, mose wa Jordane, Galelea wa ditjhaba,

16. setjhaba se neng se dutse lefifing, se bone lesedi le leholo; mme lesedi le tjhabetse ba neng ba dutse naheng ya lefu le moriting wa lona.

17. Ho tloha mohlang oo, Jesu a qala ho ruta, a re: Bakang, hobane mmuso wa mahodimo o atametse.

18. Jesu, ha a sika le lewatle la Galelea, a bona bara ba babedi ba motho a le mong, e le Simone, ya bitswang Petrose, le Andrease, ngwanabo, ba akgela matlowa a bona lewatleng; hobane e ne e le ba tshwasang dihlapi.

19. A re ho bona: Ntateleng, mme ke tla le etsa ba tshwasang batho.

20. Yaba ba phakisa ba tlohela matlowa a bona, ba mo latela.

Mattheu 4