Mattheu 4:5-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Jwale, Diabolose a mo nkela motseng o halalelang, a mmea hlorong ya tempele,

6. a re ho yena: Ekare ha o le Mora wa Modimo, o itihele fatshe; hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tla o laella mangeloi a wona, mme a tla o kgakeletsa matsohong a wona, hore leoto la hao le se ke la kgoptjwa ke lejwe.

7. Jesu a re ho yena: Ho ngodilwe hape, ho thwe: O se ke wa leka Morena, Modimo wa hao.

8. Diabolose a boela a mo nkela thabeng e telele haholo, a mmontsha mebuso yohle ya lefatshe le kganya ya yona,

Mattheu 4