Mattheu 4:13-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. a falla Nasaretha, a ya aha Kapernauma, motse o pela lewatle, naheng ya Sabulone le Nefthali;

14. hore ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta Esaia, ha a re:

15. Lefatshe la Sabulone le lefatshe la Nefthali, tseleng ya lewatle, mose wa Jordane, Galelea wa ditjhaba,

16. setjhaba se neng se dutse lefifing, se bone lesedi le leholo; mme lesedi le tjhabetse ba neng ba dutse naheng ya lefu le moriting wa lona.

17. Ho tloha mohlang oo, Jesu a qala ho ruta, a re: Bakang, hobane mmuso wa mahodimo o atametse.

18. Jesu, ha a sika le lewatle la Galelea, a bona bara ba babedi ba motho a le mong, e le Simone, ya bitswang Petrose, le Andrease, ngwanabo, ba akgela matlowa a bona lewatleng; hobane e ne e le ba tshwasang dihlapi.

19. A re ho bona: Ntateleng, mme ke tla le etsa ba tshwasang batho.

20. Yaba ba phakisa ba tlohela matlowa a bona, ba mo latela.

21. Yare ha a fetela pele, a bona ba babedi ba bang, bara ba motho a le mong, e le Jakobo, mora wa Sebedea, le Johanne, ngwanabo, ba dutse sekepaneng le Sebedea, ntata bona, ba rokahanya matlowa a bona; mme a ba bitsa.

22. Yaba hang ba tlohela sekapana le ntata bona, ba latela Jesu.

23. Jesu a ya le Galelea yohle, a ntse a ruta masinagogeng a teng, a bolela Evangeli ea mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle e ho batho.

24. Botumo ba hae ba utlwahala Siria yohle; ha tliswa ho yena bohle ba seng monate ke malwetse a mefutafuta, le ba tshwerweng ke mafu, le ba nang le bademona, le ba jewang ke sethwathwa, le ba omeletseng ditho; mme a ba fodisa.

25. Mme matshwele a maholo a tswang Galelea, le Dekapolise, le Jerusalema, le Judea, le mose wane wa Jordane, a mo latela.

Mattheu 4