Mattheu 3:5-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Yaba ba Jerusalema, le ba Judea yohle, le ba naha yohle e pela Jordane, ba tswela ho yena,

6. mme ba kolobetswa ke yena Jordane, ba ntse ba ipolela dibe tsa bona.

7. Empa, yare ha a bona bafarisi le basaddusi ba bangata ba tla kolobetsong ya hae, a ba bolella, a re: Madinyane a marabe, le tshositswe ke mang ho balehela bohale bo tlang?

8. Ha ho le jwalo he, behang ditholwana tse tshwanelang pako.

9. Mme le se ke la re ka ho lona: Abrahama ke ntata rona; hobane ke a le bolella, ke re: Modimo o ka tsosetsa Abrahama bana le ka majwe ana.

10. Selepe se se se beilwe metsong ya difate; sefate ka seng se sa beheng tholwana tse molemo, se tla rengwa, se lahlelwe mollong.

11. Haele nna, ke le kolobelletsa pako ka metsi feela; empa ya tlang ka morao ho nna, o mpheta ka matla, mme ha ke a lokela ho mo nkela dieta; ke yena ya tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo.

12. Seoloso sa hae se letsohong la hae; o tla fiela seotlo sa hae ruri, a bokelle koro ya hae modikong, mooko wona a o tjhese mollong o sa timeng.

13. Mohlang oo, Jesu a tswa Galelea, a tla Jordane ho Johanne ho kolobetswa ke yena.

14. Empa Johanne a hana ho yena, a re: Ke nna ke tshwanetseng ho kolobetswa ke wena, mme o tla ho nna na?

15. Empa Jesu a mo araba, a re: Ntumelle jwale; hobane e ka kgona re phethe jwalo ho lokelang hohle. Yaba Johanne o a mo lesa.

16. Eitse Jesu ha a kolobeditswe, a phakisa a tswa metsing, mme hang, mahodimo a phetlelwa yena; a bona Moya wa Modimo o theoha a ka leeba, o tla hodima hae.

Mattheu 3