Mattheu 3:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Mehleng eo, ha hlaha Johanne Mokolobetsi, a ruta feelleng la Judea.

2. O ne a re: Bakang, hobane mmuso wa mahodimo o atametse.

3. Hobane ke yena ya neng a lekanntswe ke moporofeta Esaia, ha a re: Lentswe la ya howang feelleng, le re: Hlekang mmila wa Morena, le lokise ditsela tsa hae.

4. Johanne o ne a apere kobo ya boya ba kamele, a itlamile letheka ka leqhaama la letlalo; dijo tsa hae e ne e le ditsie le dinotshi tsa naha.

5. Yaba ba Jerusalema, le ba Judea yohle, le ba naha yohle e pela Jordane, ba tswela ho yena,

6. mme ba kolobetswa ke yena Jordane, ba ntse ba ipolela dibe tsa bona.

7. Empa, yare ha a bona bafarisi le basaddusi ba bangata ba tla kolobetsong ya hae, a ba bolella, a re: Madinyane a marabe, le tshositswe ke mang ho balehela bohale bo tlang?

8. Ha ho le jwalo he, behang ditholwana tse tshwanelang pako.

9. Mme le se ke la re ka ho lona: Abrahama ke ntata rona; hobane ke a le bolella, ke re: Modimo o ka tsosetsa Abrahama bana le ka majwe ana.

10. Selepe se se se beilwe metsong ya difate; sefate ka seng se sa beheng tholwana tse molemo, se tla rengwa, se lahlelwe mollong.

11. Haele nna, ke le kolobelletsa pako ka metsi feela; empa ya tlang ka morao ho nna, o mpheta ka matla, mme ha ke a lokela ho mo nkela dieta; ke yena ya tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo.

Mattheu 3