Mattheu 28:7-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Le mpe le phakise le ye ho bolella barutuwa ba hae hore o tsohile bafung; bonang, o ya le etella pele ho ya Galelea; le tla mmona teng. Utlwang, ke le boleletse.

8. Ba phakisa ba tloha lebitleng ka tshabo le ka thabo e kgolo, ba matha, ba ya bolella barutuwa ba hae.

9. Yare ba sa ya bolella barutuwa ba hae, ba bona Jesu a ba kgahlanyetsa, a re: Dumelang! Yaba ba tla, ba mo tshwara maoto, ba mo kgumamela.

10. Jwale, Jesu a re ho bona: Se tshoheng; eyang, le bolelle banabeso hore ba ye Galelea; ke moo ba tla mpona teng.

11. Hobane ba tlohe, ba bang ho balebedi ba tla hae motseng, ho behela baprista ba baholo tsohle tse hlahileng.

12. Baprista eitse hobane ba phuthehe le baholo, ba etsa morero, mme ba nea bahlabani ditjhelete tse ngata;

13. ba re: Ereng: Barutuwa ba hae ba tlile bosiu, ba mo utswitse re robetse.

14. Mme leha mmusisi a utlwa taba eo, ke rona re tla mo kgodisa, re le sireletse.

15. Yaba balebedi ba nka ditjhelete, ba etsa kamoo ba laetsweng kateng; mme taba eo e tumile hara Bajuda ho fihlela kajeno.

16. Barutuwa ba leshome le motso o mong ba ya Galelea, thabeng eo ba e laetsweng ke Jesu.

17. Ha ba mmona, ba mo kgumamela; empa ba bang ba belaela.

18. Yaba Jesu o atamela, a bua le bona, a re: Ke neilwe borena bohle lehodimong le lefatsheng.

19. Eyang ke hona, le rute ditjhaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moya o Halalelang;

20. mme le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Mme bonang, nna, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe.

Mattheu 28