Mattheu 28:6-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Ha a sa le mona, hobane o tsohile jwalokaha a ne a boletse. Tloong, le bone tao eo Morena a neng a beilwe ho yona.

7. Le mpe le phakise le ye ho bolella barutuwa ba hae hore o tsohile bafung; bonang, o ya le etella pele ho ya Galelea; le tla mmona teng. Utlwang, ke le boleletse.

8. Ba phakisa ba tloha lebitleng ka tshabo le ka thabo e kgolo, ba matha, ba ya bolella barutuwa ba hae.

9. Yare ba sa ya bolella barutuwa ba hae, ba bona Jesu a ba kgahlanyetsa, a re: Dumelang! Yaba ba tla, ba mo tshwara maoto, ba mo kgumamela.

Mattheu 28